khaolo 15

1 Ka meso, ba presita ba baholo, le baholo le bangoli le le khotla lohle la bajuda ba kopanela. ba bofa Jeso ba tsamae le eena. Ba mo neela ho Pilato. 2 Pilato a mmotsa, '' U Morena oa baJuda na?'' A mo araba, ''U rialo.'' 3 Bapresita ba baholo ba ne ba mo roesa melato e mengata. 4 Pilato a boella a mmutsa, ''Na hao arabe? U ea bona melato bao roesanh eona!'' 5 Empa Jeso ha a ka a araba Pilato, mme a makala. 6 Ka nako ea mokete, Pilato o tloaetsi ho lokolla motlamuoa o mong, motlamuoa eo ba mo kopileng, 7 Ho ne ho na le monna a bitsoang Barabase toronkong le ba entse moforefere mme ba bolaile motho moferefereng. 8 Batho ba ba ngata batla ho Pilatao mme ba qala ho mo kapa hore a ba etsetse se a se entseng ka nako e fitileng. 9 Pilato a ba araba mme a re, '' Le batla ke lokolle ho lona Morena oa bajuda?'' 10 Ka hobane o ne a tseba hore ke ka lebaka la mona hore ba presita ba baholo ba neele Jeso ho ena. 11 Empa bapresita ba baholo ba hlohlohetsa batho bangata hore ba lella hore ho lokolle Barabase. 12 Pilato a ba araba hape mme a re ''Ke etse eng kaMorena oa Bajuda?'' 13 Ba boela ba hoeletsa ba re, ''Mo thakhise!'' 14 Pilato a re ho bona, ''O entse bobe bofe?'' Empa ba hoeletsa ha ngata, ''Mo thahise.'' 15 Pilato o ne a batla ho khotsofatsa batho ba bangata, a ba lokolla Barabase. A otla Jeso a mo neela hore a thakhisoe. 16 Masole a mo etela pele ka hare ha le khotla ( e leng lekhotla le le holo la mmuso) mme ba bitsa sehlopha sohle sa masole. 17 Ba apesa Jeso seaparo s se purepera, mme ba loha mofapahloho oa meitloa ba o bea ho eena. 18 Baqala ho mo lumelisa mme ba re, Lumela, Morena oa baJuda!'' 19 Ba mo otla hloho ka le hlaka ba mo tsoela mathe. Ba oa ka mangole ba khumama pele ha hae. 20 Ha ba bile ba mo somele, ba mo hlobola seaparo sa hae, ba tsamea le eena ho eo mo thakhisa. 21 Monna e mong, Simeon oa sirere, o re a kena a tsoa naheng (e ne e le ntate oa Aleksandere le Rufase) mme ba mo ha peletsa hore a roale sefapano sa hae. 22 Masole a isa Jeso mo bareng ke Golgotha( e fotoleoa '' Poleke ea lehata''). 23 Ba mo nea veine e tsoakiloeng le mira, empa ha ka a e noa. 24 Ba mo thakhisa mme ba roala liaparo tsa hae ba li khaukhanya hore ba tsebe seo lesole le leng le leng le tla senkang. 25 E ne e le hora ea boraro ha ba mo thakhisa. 26 Ho saene ba ngola molato ba mo roesang oona ba re, '''Morena oa baJuda.'' 27 Hamoho le eena ba thakhisa masholu a mabeli, e mong letsohong le letona e mong hole letsehali. 28 Ha hona Mareka 15:28, lentsoe le phethiloe la hore,'O ne a baliloe le ba ba se hong molaong; 29 Bao ba ne ba feta moo ba mo roha, ba sesenya lihloho tsa bona mme, ba re, ''Aha! Uena eo a ka qhaqhang tempele a e a ha ka matsatsi a mararo, 30 ipholose mme u tsoe sefapanong utle fatse!'' 31 Ka tsela e tsoanang bapresita ba ba holo ba re ba somesana ka eena hare ha bona, hamoho le ba ngoli, mme ba re, ''O pholositse ba bang empa eena o sita ho ipholosa. 32 E reng Kreste, Morena oa israel a tle fatse ho tsoa sefapanong, hore re bone mme re lumele.'' Bao ba ne ba thakhisitsoe le eena le bona ba moroha. 33 Ka hora ea bo tsilela, lefifi la ba teng lefatseng lohle ho fihlela ho hora ea robong. 34 Ka hora ea robong Jeso a lla ka lentsoe le leholo, ''Eloi, Eloi, lama sabakathane?'' ho hlalosoa ka hore, Molimo oa ka, u ntsielang na?'' 35 Ba bang ba neng ba emi haufi ba utloa mantoe a hae ba re, '''Lebellang, o bitsa Elia.'' 36 E mong a kitima, a thela veine e babang ho seponse, a e loka hlakeng, mme a mo nea hore a noe, Monna a re, '' A re boneng kapa Elia o tla tla a mo theosa fatse.'' 37 Ea ba Jeso o lla ka lentsoe leleholo mme a shoa. 38 Kharetene ea tempele a khaoha ea ba likhao tse peli e tsoa holimo e ea fatse. 39 Erile ha molaoli oa lekhotla a ne a eme mo mme a lebeletse Jeso a bona hore o shoele ka tsela e na, a re, '''Ruri motho e na e ne e le Mora oa Molimo.'' 40 Ho ne ho na le basali ba ne ba lebeletse ba lehole. Hare ha bona ho na le Maria Magadalena, Maria(mme oa Jakobo o monyenyane le oa Jose), le Salome. 41 Erile ha a le Galalea bo mo latela ebile ba mo sebeletsa. Basali ba bangata le bona ba tlile le eena Jerusalema. 42 Ka mantsiboea, ka hore e ne ele letsatsi la Tokisetso, e le hore, letsatsi lelateloa ke Sabata, 43 Josefa oa Arimathea a fihla mong. A ne a le mongoe oa ba hlompehang a ne a e metsi mmuso oa Molimo. A tsamea a se na tsabo ho Pilato a kopa mmele oa Jeso. 44 Pilato a makala hore Jeso o bile o shoele; a bitsa mohlomphei a botsa hore a ka ba a shoele. 45 Ha Pilato a utloa ka mohlomphei hore Jeso o shoele, a nea Josefa mmele oa hae. 46 Josefa o ne a rekile lesela. Amo theosa sefapanong, a mo phothela ka lesela, mme a mmea libitseng le betliloeng lefikeng. A phekoloseta lefika monyakong oa lebitla. 47 Maria Magadalena le Maria mme oa Jose ba bona poleke moo Jeso a beilong.