Khaolo 14

1 E ne e le matsatsi a mabeli ho ea ho paseka le mokete oa borotho ba litomoso. Ba presita ba baholo le bangoli ba ne ba batla litsela tsa ho motsoara sephiring Jeso mme ba mmolae. 2 Ka hobane ba ne ba re, ''E seng nakong ea mokete, ho etsela hore moferefere o seke oa tsoha hare ha batho.'' 3 Jeso a sa le Bethani, ntlong ea Semeone molepara,ha a sa lotse tafoleng, mosali a tla ho eena ana le pitsa ea setlolo sa teko e holimo, e neng e le nareda ea sebele. A bolaea pitsa a tsela nareda holimo ha hloho ea hae. 4 Empa ho ne hona le ba bang ba neng ba koatile. Ba buisana mme ba re, ''Ke le baka la eng ho senya setlolo? 5 Setlolo sena se ka rekisoa ka thoko e fetang litinare tse makholo a mararo ea nea ba fumanehi''. ba ba ba mo roa. 6 Empa jeso are, ''Mo tloheleng a le mongoe. Ke ka baka la eng le mohlorisa? O entse mosebetsi o montle ho nna. 7 Le lula le ha le bafunehi nakong tsohle, ha le lakatsa le ka etsa tse molemo ho bona, empa le ke ke la ba le nna nakong tsohle. 8 O entse se a khonang ho se etsa. O tlotse mmele oa ka ho o lokisela poloko. 9 Ka nete ke re ho lona, moa lentsoe le boleloang lefatseng lohle, se entsoeng ka mosali ena se tla bolela, ka ho mo hopola.'' 10 Ea ba Judase iskariote, e mong oa ba leshome le metso e mmeli, ea ho ba presita ba baholo hore a ka mo nehela eena ho bona. 11 E rile ba presita ba baholo ba li ntloa, ba thaba mme ba tsepisa ho mo nea chelete. A qala ho batla monyetla oa ho mo nehela ho bona. 12 Ka tsatsi la pele la borotho bo se nang litomo, ba etsa sehlabelo sa konyana balateli ba hae ba re ho eena, ''Ke kae moo o batlang re eo lokisa, hore o eo ja lijo tsa paseka?'' 13 A roma balateli ba hae ba babeli mme a re ho bona, ''E eang toropong, monna a nang le emere ea metsi o tla kopana le lona. Le molatele. 14 Moo a ke nang ntlong, le molatele mme le re ho mong ntlo, 'Moruti o re, ''' E kae ntlo ea baeti moo ke tla jang paseka le balati ba ka?'' 15 O tla le bontsa ntlo e kholo e nang le litulo ea holimo e nang le litulo ea ka holimo e lokisitsoeng. Le etse litokisetso tsa rona mono.'' 16 Balateli ba tsoa ba ea toropong. ba fumana ntho tsohle ka ha a boletse, mme ba lokisa lijo tsa paseka. 17 E rile e le mantsi boea, a tla le ba le shome le metso e mmeli. 18 E rile ba lotse ta foleng ba eja, Jeso a re, '''Ka nete ke re ho lona, e mong a jang le nna o tla nthekisa.'' 19 Ba ba masoabi bohle, mme ka e mong le e mong a re ho eena, ''nete a se nna?'' 20 Jeso a arabela mme a re ho bona, '' Ke e mong oa ba leshome le metso e mmeli. Kenyang barotho le nna senoelong. 21 Ka hore Mora Motho o tla tsamea joalo ka haho ngotsoe ka eena. Empa malimaboho monna eo ka ho eena Mora Motho a tla rekisoang! Hone ho kaba molemo ha a se ea tsoaloa.'' 22 E rile ba eja, Jeso a nka borotho, a bo hlonolofatsa, a bo ngoatha. A ba nea mme are, ''Nkang moo, ke mmele oa ka.'' 23 A nka senoela, a boka, mme a ba nea, mme bohle ba noa ho sona. 24 A re ho bona, ''A na le mali a ka a selekane, mali a tsolloleloang ba bangata. 25 Ke tiisitse hore ho lona, nke ke ka noa hape thoalana ea veine ho fihla letsatsi moa ke tla se noang s le se eha mmusong oa Molimo. 26 Ba rile ba binne sefela, ba tsoa ho ea thabeng ea Mehloare. 27 Jeso are ho bona, ''Lona lohle le tla timela, ka hobane ho ngoliloe, ke tla otla molisa mme linko tsa phatlalala.'' 28 Empa ka morao ha ho tsosoa, ke tla le etela pele ho ea Galalea.'' 29 Petrose ho eena, ''Le ha bohle ba ka timela, nke eo.'' 30 Jeso a re ho bona, '' Ka nete ke re ho lona, kajeno--e, bosiung bona pele mokoko o lla ha beli le tla ntatola hararo.'' 31 Empa Petrose are ka tiisetso, ''Ha ke tsoanetse ho shoa le oena, nke ke ka o latola.'' Bohle ba etsa tsepisa e tsoanang. 32 Ba fihla polekeng e bitsoang Getsemane, mme Jeso a re ho balateli ba hae, ''Lulang mona nna ke rapela.'' 33 A tsamaea le Petrose, Jakobo, le Johane mme a qala ho khathatseha mme a hlora haholo. 34 A re ho bona, ''Moea oa ka o bohlokong, ho fihla seemong sa lefu. Lulang mona le lete.'' 35 A ea sebakanyana hole, Jeso a oela fatse mme a rapela hore nkabe ho khoneha nako eo e ka feta ho ena. 36 A re, ''Abba, Ntate, Ntho tsohle li ka khoneha ka oena. Ntsa senoelo sena ho nna. Empa e seng thato ea ka, empa ea hao.'' 37 A khotla, mme a fumana ba robetse, mme a re ho Petrose, ''Semone, na o robetse? Ho ka se khonehe o falimehe ho hora engoe? 38 Falimehang le rapele hore le se kene molekong. Moea oa lakatsa rori, empa mmele oa fokola.'' 39 A boela khole hape mme a rapela, a sebelisa mantsoe a tsoanang. 40 E rile a khotla hape, a fumana ba robetse, ka hore mahlo a bona a ne a le boima. Ha ba ea tseba hore ba reng ho ena. 41 A khotla la boraro mme a re ho bona, ''Le sa ntse le robetse mme le e khutsitse? Ho lekane! Hora e fihlile. Bonang! Mora Motho o rekisetsoa liateng tsa ba libe. 42 Tsohang; a re tsamaeng. Bonang, ea nthekisang o haufi.'' 43 Ea re a sa bua, Judase, e mong oa ba leshome le metso e mebeli, a fihla, mme le bangata ba batho bane bana le eena le marumo le melamo, ho tsoa ho ba presita ba baholo, bangoli, le ba holo. 44 Nakong eo morekisi oa hae a ba neile tsupo, a re, ''Eo ke tla mo akang ke eena. Le motsoare le tsamae le eena le mohlokometse.'' 45 E rile Judase a fihla, ka ho phakisa a tla ho Jeso mme a re, ''Rabbi,'' aba a mo aka. 46 Ea ba ba motsoara ba tsamaea le eena. 47 Empa e mong oa bona ea emeng kathoko a ntsa lerumo la hae a otla mosebeletse oa mopresita o moholo mme a ntsa tsebe ea hae. 48 Jeso a re ho bona, ''Letla hona joalo ka ho lesholu, le na le marumo le melano, ho ntsoara?'' 49 Moo ke eng ke na le lona mme ke rota tempeleng, ha le ea ka la ntsoara. Empa sena se e tsetsoe hore mongoli a phetehe.'' 50 Bohle boo ba neng bana le Jeso ba ba tloha mme ba baleha. 51 Mohlanka ea apering seaparo sa lesela ea neng a e photile ka lona, a ne a latela Jeso. Erile banna ba mo nka 52 a tlohela seaparo sa lesela mme a baleha a sa apara. 53 Ba isa Jeso ho mopresita o moholo. Bane ba bokane le eena le ba presita bohle, baholo, le bangoli. 54 Nakong eo Petrose a ne a molatela a le hole, ho tsoana joalo ka lebala la mopresita e moholo. O lotse le bahlankana, a e futumatsana haufe le mollo. 55 Nakong eo bapresita ba baholo ba ne ba batla bopaki khahlanong le Jeso hore ba khone ho mo isa lefong. Empa ha ba ea bo fumana. 56 Ka hobane ba bangata ba tlisitse bopaki ba leshano khahlanong le eena, empa le bopaki ba bona ha bo ea lumela. 57 Ba bangoe ba emeletse mme ba tlisa bopaki ba leshano khahlanong le eena; ba re, 58 ''Re otloile are, ' Ke tla thuba tempele ena e a hiloeng ka matsoho, mme matsatsieng a mararo ka aha e eng e sa ahoang ka matsoho.'' 59 Le ho le joalo bopaki ba bona ha bo ea lumela. 60 Mopresita e moholo a ema hare ha bona mme a botsa Jeso, ''Ha o na karabo? Ke eng se batho ba pakang khahlanong le oena?'' 61 Empa a lilimala mme a sa arabe letho. a boela mopresita e moholo ho mmotsa lipotso mme a re, ''Ke oena Kreste, Mora ea Hlonolofalitsoeng?'' 62 Jeso a re, ''Ke nna; mme le tla bona Mora Motho moo a lula letsohong le letona la matla mme a etla le maro a leholimo.'' 63 Mopresita e moholo e khaela liaparo tsa hae mme are, ''Re sa batla bopaki na? 64 Le otloile lehlapa. Lona le reng?'' Bohle ba mmona molato joalo ka ea lokelang lefo. 65 Ba bangoe ba qala ho mo khoela mare mme ba koala sefahlehong sa hae mme ba moshapa ka liatla mme ba re ho eena, ''Porofita!'' Bahlanka ba mo nka ba moshapa. 66 Ea re Petrose a le katlase lebaleng, e mong oa banyana ba mo presita e moholo a tla ho ena. 67 A bona Petrose a e futumatsa, mme a molebelelisisa mme are, ''O ne o na le moNasareta, Jeso.'' 68 Empa a hana, a re, ''A ke tsebe kapa ho otloisisa se o buang ka sona.'' A ba a e tsoa ho ea khotloaneng. Mme mokoko oa lla. 69 Empa monyana oa mosebetsi a mmona mme a qala hore ho boo ba e meng moo, ''Monna ena ke mong oa bona!'' 70 Empa a latola hape. Ka morao ha nakoana bo ba e emeng moo ba bare ho Petrose, ''Rori o mong oa bona, ka hobane o mo Galalea.'' 71 Empa a qala ho ikisa ka tlase ha hlopano le ho ana, ''A ke tsebe monna ena le buang ka eena.'' 72 Mokoko ka ho phakisa oa lla la bobeli. Ea ba Petrose a hopola mantsoe a Jeso a mo joelitseng ona: ''Pele mokoko o lla habeli, o tla nlatola hararo, ''A oela fatse a lla.