Khaolo 16

1 Erile ha Sabata e fetile, Maria Magadalene, Maria mme oa Jakobo, le Salome bareka linoko hore ba tle ba tlotse mmele oa Jeso. 2 Ka meso ka letsatsi la ho qala la beke, ba ea lebitleng letsatsi lesetse le chabile. 3 Ba ne ba butsana ba re,'' Ke mang ea tla re phekolosetsang lefika monyakong oa lebitla?'' 4 Ha ba lebella holimo, ba bona lefika le phekolositsoe, ka hore e ne e le leholo. 5 Ba kena lebitleng ebile ba bona mohlanka a apere seaparo se setsoeu, a lutse letsohong le letona, ebile ba tsoha. 6 A re ho bona, ''Le se ke la tsoha. Le batla Jeso, oa Nazaretha, ea thakhisitsoeng sefapanong. O tsohile! Ha eo monna. Lebellang moo ba neng ba mmeile teng. 7 Empa tsamaeang, le bolelle barutuoa ba hae le Petrose, ' O pele ha lona o ea Galelea. Ba tla mmona joale ka ha a le boleletse.' '' 8 Ba tsoa lebitleng ba titima; bathothometsi e bile ba maketsi. A ba ea ka ba bolella motho ka hore ba ne ba tsohile haholo. 9 [ Ka meso, ka letsatsi le qalang, la beke ka morao ha a tsohile, o hlahile pele ho Maria Magadalene, eo a neng a tlositse ho eena matemona a supileng. 10 A tsamaea a bolella bao ba neng ba na le eena, ba le bofifing le ho lla. 11 Ba utloa hore o ea phela le hore o bonoe ke eena, empa ha ba ka ba lumela. 12 Ka morao ha lintho tseo a hlaha ka sebopeho se fapaneng ho ba babeli ba bona ba ne ba tsamaea ba ea naheng. 13 Ba khutlela morao ba bolella bangoe bohle, empa ha ba ka ba ba lumela. 14 Ka morahao ha moo, Jeso a hlaha ho ba leshome le motso o mong ba lutse tafuleng, a ba khalemela ka ho sa lumele le bothata ba lipelo tsa bona, ka hore ha ba ka ba lumela bao ba moneng ka morao ha ho tsoha ha hae bafung. 15 A re ho bona, '' E eang lefatseng lohle, le rute efangeli ho libopuoa tsohle. 16 Ea lumelang ebile a kolobetsoa o tla pholosoa, ebile ea sa lumeleng o tla ahloloa. 17 Litsupo tsena li tla tsamaea le ba ba lumelang: Ka lebitso laka ba tla leleka matemona. Ba tla bua ka lipuo tse lincha. 18 Ba tla tsoara linoha ka matsoho a bona, ha ba ka noa ntho e bolaeang, ha e ka ke ea utloisa bohloko. Ba tla bea matsoho a bona holimo ha bakulang, e bile ba tla fola.'' 19 Ha Morena Jeso a se a buile le bona, a nyolosetsa leholimong ebile o lutse letsohong le letona la Molimo. 20 Barutuoa ba tloha ebile ba rera hohle, ebile a sebetsa le bona mme a tiisa lentsoe ka litsupo tse ba neng ba tsamaea le tsona.]