Khaolo 5

1 Hore re be le tokoloho Kreste o tsoanetsi ho re lokolla. Emang se bete, ka baka leo, mme le se ke la boela jokong ea bokhoba hape. 2 Bona, nna, Paulose, kere ho lona ha le itumelela ho rupa, Kreste a ka se ka a le thusa kapa ka tsela e fe. 3 Ke ea paka ho monna ohle a lumelang ho rupa hore o tsoanetsi ho etsa ka molao kaofela ha ona. 4 Le tloisitsoe ho Kreste, le tla etsoa ba lokileng ka molao; ha le sa thola boiphihlelo ba mohau. 5 Hobane ka Moea, ka tumelo, re na le mafolofolo a ho emela tsepo ea ho loka. 6 Ho Kreste Jeso ho rupa kapa ho sa rupa ha ho bohlokoa, empa ke tumelo fela e sebetsang ka lerato. 7 Le ne le kitima hantle. ke mang a le thibetseng ho mamela nnete? 8 Kholiso ena ha e tsoe ho eo a le belitseng! 9 Tomoso e nyenyane e kokomosa hla kaofela. 10 Ke na le tsepo ho Morena hore le tlaba le khopolo e tsoanang. Eo a le khathatsang o tla otloa bohloko ba kahlolo, e kaba ke mang. 11 Bo abuti, ha ke ntse ke tsebisa ho rupa, ke ka baka la eng ke hlorisoa? Ka baka leo khopiso ea sefapano e tlositsoe. 12 Ho bao ba le ferekang, ke lakatsa hore ba ka e arohanya! 13 Hobane le bilelitsoe ho tokoloho, bo abuti. Empa le se ke la sebelisa tokoloho joale ka sebaka sa nama; empa sebeletsang e mongoe le mongoe ka lerato. 14 Hobane molao ohle ophethehile lentsoeng le ngoe: Otsoanetsi ho rata eo o a hisaneng le eena joalo ka ha o ithata." 15 Empa ha o loma mme oa metsa mongoe,iponele o se ke oa jeoa ke mongoe. 16 Empa kere, tsamaeang ka Moea mme le se ke la roala litakatso tsa nama. 17 Hobane litakatso tsa nama ha li tsamaisane le Moea, mme litakatso tsa Moea ha le tsamaisane le nama. Hobane tse li ea loatsana, hore o se ke oa etsa lintho ts o li batlang. 18 Empa ha o tsamaisoa ke Moea, ha o eo ka tlase ha molao. 19 Kajeno mesebetsi ea nama e ea bonahala: ho feba, bo nyala, libe tsa nama, 20 ho rapela litsoantso, hloeano, phapang, mahono, khalefo, ho tsekisana ntho e le engoe khang, khaoano, 21 mona, botaoa, lithabo tsa litaoa mme le lintho tse joalo. Ke ea le mosa, joalo ka ha ke le lemositse pele, hore ba ba etsang tse joalo ha ba ke ke baja lefa la mmuso oa Molimo. 22 Empa tholoana ea Moea ke lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, bontle, tumelo, 23 bonolo, le boitsoaro; ha ho na molao o ha netsang tse joalo. 24 Ba ba bong ba Kreste Jeso ba thahisitsoe nama lerato le leholo le litakatso tsa eona. 25 Ha re lula ka Moea, a re tsamaeng kaMoea. 26 Re seke ra e thorisa, re se ke ra halefesana, ho ba le mona le mongoe.