Khaolo 4

1 Nna ke re mojalefa, ha a sa ntse a le ngoana, ha ea fapana le lekhoba, le ha a le ena mong oa ntho tsohle. 2 Empa o fase ha ba lebeleli le balisa ho fihla tsatsi le beiloeng ke ntate oa hae. 3 Kamong, re sa le bana , re ne re laoloa ke mekhoa ea lefatse. 4 Empa nako ekhethiloeng e fihlile, Molimo a romela Mora oa hae, a tsoetsoeng ke mosali, a tsoetsoeng fase ha molao. 5 A etsa sena ho lopolla ba leng fase ha molao, ho re re amohele ho bitsoa baroa. 6 Mme ka hobane le baroa, Molimo o rometsi moea oa Mora oa hae lipelong tsa rona, o bitsang, '' Abba, Ntate.'' 7 Joale a ho se lekhoba, empa mora, mme ha o le mora, ebile o mojalefa ka Molimo. 8 Empa ka nako eong, le e so ho tseba Molimo, ne le tsoa makhoba ho bong ba motsebang, ka matla a bona, eseng balimo ka sebele. 9 Empa joale ka ha le se le tseba Molimo, kapa joale ka ha le tsejoa ke Molimo, ke eng le boela morao la lapa mme la ba le mekhoa e senang thuso? Le batla ho etsoa makhoba hape nnang? 10 Lehlokomele matsatsi le likhoeli tse ncha le lilemo le mengoaha! 11 Ke ea tsaba hore mesebetsi eaka le lona e ka ba le feela. 12 Ke ea le kopa, bo abuti, le be joale ka nna, hobana le nna ke tsoana lona. Ha le ea etsa bobi ho nna. 13 Empa le ea tseba hore e ne e le ka baka la maloetsi a nama hore ke le rerele efangeli la pele. 14 Le ha siemo sa mmele oaka se le lokile molekong, ha le ea nyatsa kapa ho ntahla. Mme le ile la nkamohela o kare ke le lengeloi la Molimo, o kare ne ke le Jeso Kreste ka bo eena. 15 Joale le kae lehlohonolo la lona? Hobane ke paka ho lona, ha ne ho etseha, ne le tla ntsa mahlo a lona mme la a nea nna. 16 Anna, e ka ba ke fetohile sera sa lona ka hobane ke bulela nnete nnang? 17 Ba na le mafolofolo a ho mo hlola, empa e seng ka merero e mentle . Ba batla ho o tsoalela ntle hore o tle o be mafolofolo ka bona. 18 Hontle hore o be mafolofolo ka merero ementle, mme e seng fela ha ke le hare ha lona. 19 Banaka ba banyenyane, hape ke le bohlokong ba ho tsoala ka lona ho fihlela Kreste a ba ho lona. 20 Ke lakatsa ho ba le lona joale mme ke fetole lentsoe la ka, kahobane ke ea makala ka lona. 21 Mpolelleng, le lakatsa ho ba tlase ha mang molaong, ha le mamele molao? 22 Hobane ho ngoliloe ho re Abrahama o na le baroa ba babeli, mongoe ka mosetsana oa lekhoba le emongoe ka mosali ea hololehileng. 23 E mong o tsoetsi ke mosetsana oa lekhoba ka nama, empa e mong otsoetsoi ke mosali ea hololehileng ka tsepiso. 24 Lentho tsena li ka hlalosoa joale ka setsoantso, ho ba basali bana ba emetsi lilekane tse peli. Sengoe sa teng se tsoa Thabeng ea Sinai mme a tsoala bana ba le makhoba. Enoa ke Agare. 25 Kajeno Agare o emetse thaba ea Sinai e bong Arabia; mme o emetse Jerusalema ea joale, hobane o le bokhobeng le bana ba hae. 26 Empa Jerusalema e leng holimo e hololehile, mme ke bomma ba rona. 27 Kahobane ho ngoliloe, ''Thabang, lona litoatoa le senang tsoalo; llang mme le huelele ka thabo, lona se la utloing bohloko ba tsoalo; hobane banna ba bomme ba lahliloeng bangata ho feta ba bo mma ba nang le monna.'' 28 Empa lona, bo abuti, joale ka Isaaka, ke bana ba tsepiso. 29 Ka nako eong ea tsoetsoeng ka nama ba hlorisa ba tsoetsoeng ka moea. Ho joale le kajeno. 30 Empa lengolo le reng? '' Leleka mosetsana oa likhoba le mora oa hae. Hobane mora oa mosetsana oa lekhoba a ke ka a fumana lefa le mora oa mosali a lokolohileng. 31 Kahong, bo abuti, a re baroa ba mosetsana oa lekhoba, empa oa mosali a lokolohileng.