Khaolo 1

1 Paulose, moapostola_a seng moapostola atsoang ho batho eseng moapostola ka batho, empa ka Jeso Kreste le ntate Molimo, a mo tsusitseng ho ba shoileng_ 2 le bohle bo abuti ba nang le nna, ho likereke tsa Bagalata: 3 Mohau o be le lona le khotso e tsoang ho Molimo Ntate oa rona le Morena Jeso Kreste, 4 a e neetsing ka libe tsa rona ho re tle re sereletsoe nakong ea bobe re philang ho eona, ka thato ea Molimo le ntate, 5 khanya e be ho eena ka ho sa feleng. Amen. 6 Ke makatsoa ke hore le furalela ea le belitseng ka khanya ea Kreste. Ke makatsoa ke hore le furalela le ea ho engoe efangeli efapaneng, 7 e seng hore ho na le ngoe efangeli, empa hona le bangoe batho batlang ka bothata mme ba rata ho fetola efangeli ea kreste. 8 Empa le mo rona kapa lengeloi letsoang leholimong le ka bulela efangeli e seng ena re e boletseng, ha rohakoe. 9 Joale ka ha re buile pele, ho le joalo ke re ho lona hape, Ha e mong a rera efangeli e fapaneng le ee le e amohetseng, ha ruhakoe. 10 Hobane joale ke hloka ho emeloa ke batho kapa ke Molimo? Ke hloka ho thabisa batho nna? Ha ke ntse ke leka ho thabisa batho, ha ke mosebeletsi oa Kreste. 11 Hobane ke batla le tsibe, bo abuti, ho re efangeli ke e boletseng ha se ea motho. 12 Ha ke ea e amohela mothong, kapa ho e rutoa. Mme, e bile ka tsenolo ea Jeso Kreste ho nna. 13 Le utloile ka bophelo baka ba khale ke le moJuta, tsela ke neng ke hlorisa kereke ea Molimo ka ho feteletseng mme ke leka ho e phatlalatsa. 14 Ka tsoelela pele ka boJuta ho feta balekane baka, ho tsoa bathong baka. Ke ka hong ke cheselehileng ka tloaelo ea bo ntate. 15 16 17 Empa Molimo, ea nkhethileng ke sa le popelong ea bomma, mme ea mpilitseng ka mohau oa hae, a thabela ho hlahisa Mora oa hae honna, hore ke rere ka eena hare ha balichaba, ha ke ea phakisa ho butsa ka nama le mali. Ha ke ea ea Jerusalema ho ba fetohileng baapostola pele haka. Empa, ke ile Arabia mme ka khutlela Damaseka. 18 Ka morao ha mengoaha e meraro ka ea Jerusalema ho ea tsebana le Kefase mme ka lula le eena matsatsi a mashome le metso e mehlanu. 19 Empa ha ke ea bona bangoe baapostola kantle ha Jakobo, abuti oa Morena. 20 Ho tse ke lengolelang tsona, ke ea le tsepisa pele ha Molimo hore ha ke bui maka. 21 Ka ba ke ea khaolong ea Sirea le Silisia. 22 Ke ne ke ntse ke sa tsebahale likerekeng tsa Judea tse ho Kreste. 23 Ba e etloile fela hotoi, '' Monna ea keleng a re hlorisa o bile o rera tumelo ea keleng a leka ho e phatlalatsa.'' 24 Ho le joalo ba rorisa Molimo ka baka laka.