Khaolo 2

1 Ka morao ha lilemo tse leshome le metso emine ka tsamaea hape Jerusalema le Barnabase, le Tito. 2 Ke tsamaile ka baka la tsenolo le ho ba beela efangeli ee ke e rutang balichaba. Ka bua sephiring ho bao ba bong bohlokoa, hore ke be le nnete hore ha kea ketima_ kapa ho kitimela_ lefela. 3 Empa titi, a ne a na lenna ebile a le Mogerike, a khopeletsoa hore a rupe. 4 Bo abuti ba bohata ba tla ka sephiri ho Jeso Kreste. Ba ne ba lakatsa ho re ba re etse likhoba, 5 empa ha rea lumella ha sebakanyana, hore le lule le nnete ea efangeli. 6 Empa bao ba bonetsing joale ka ba bohlokoa ( le ha ba le bo mang ha ke nang le bona, Molimo ha khethi) _bao, ke re, ba bonetsing joale ka ba bohlokoa ha ba oketsa letho ho nna. 7 Ho leng lehlakore, ba ile ba bona hore ke eabetsoe ho bolella efangeli ho bao ba sea rupang, joale ka Petrose a abetsoe ka efangeli ho ba rupileng. 8 Hobane Molimo, a sebelitseng ho Petrose ka tsa bopositole ho bao ba rupileng, o ile a sebetsa ho nna le ho balichaba. 9 Erile Jakobo, Kefase, le Johane, ba tsibahalang joale ka lihlooho, a hlokomela mohau o neiloeng ho nna, ba neile letsoho le letona la ho jelana ho Barnabase lenna. Ba lumellana hore re tsoanetsi ho ea ho balichaba mme bae ho ba rupileng. 10 Ba kopa hore re hopole bafotsane ntho ee ke ne ke batla ho ei etsa. 11 Empa ka nako Kefase a tla Antioke, ka mohanetsa mahlong, hobane one a nyatseha. 12 Pele banna ba etseng batsoa ho Jakobo, Kefase o ne aja le Balichaba. Empa ba rele banna ba batla, a ema ebile a ba tlohela Balichaba. O ne a tsaba bao ba ne ba batla ho rupa. 13 Joalo bongata ba Bajuta ba kopanela bomenemeneng. Le Barnabase o ile a khelosoa ke bomenemeneba bona. 14 Empa ke re le ke bona hore likhopolo tsa bona ne li se tsa ho latela nnete ea efangeli, ka re ho Kefase pele ha bona bohle,'' Haeba omoJuta empa uphela joale ka Balichabeng mme e seng ka moJuta, o ka khopeletsa joang Balichaba hore ba phele joale ka BaJuta?'' 15 Rona re Bajuta ka ho tsoaloa e seng ka boetsalibe balichaba; 16 empa rea tseba hore ha hona motho a lokisisoang ka mesebetsi ea molao empa ka tumelo ho Jeso Kreste. Ka mong re lumetsi ho Jeso Kreste hore re lokisisoe ka tumelo ho Kreste e seng ka mesebetsi ea molao. Hobane ka mesebetsi ea molao ha hona mmele o tla lokisisoang. 17 Empa, ha re batla ho lokisisoa ho Kreste, le rona re fumanehile re le baetsalibe, Kreste ke mosebeletsi oa sebe nnang? Che! 18 Hobane haeba ke aha hape lintho nkileng ka li thuba, ke itlatsa hoba ea tlolang molao. 19 Hobane ka molao shoetsi ka molaong, hore ke phelele molimo. 20 Ke thakhisetsoe le Kreste. Hae se nna ke phelang, empa Kreste o phela ho nna. Bophelo bo ke bo phelang joale nameng ke bophela ka tumelo ho Mora Molimo, ea nthatileng ebile a ineella nna. 21 Ha ke unke joale ka lefeele mohau oa Molimo, haeba ho loka ho fumanoa ka baka la molao, e ka ba Kreste o shoetsi lefeela.