Khaolo 9

1 A re bona, '' Ka nnete ke re lona, ho na le bangoe ba lona ba emeng mona ba ka se keng ba shoa pele ha ho bona Mmuso oa Molimo o tla le matla.'' 2 Morao ha matsatsi a ma tsilela, Jeso a a tsamaea le Petrose le Jakobo le Johane holimo ha thaba. A fetoha sebopeho sa hae pele ha bona. 3 Li aparo tsa hae tsa khanya ka matla, tsa ba soeu ho fita, bo soeu bo fitang se ka li soeufatsang le fatseng. 4 Elia le Moshe ba bonahala ho bona, mme ne ba bua le Jeso. 5 Petrose a araba mme a re ho Jeso, '' Rabbi, ho molemo hore re be mona, mme re lumelele re entse lintlu tse tharo, ea hao, ea Moshe, le ea Elia. 6 ( Hobane o ne a se tsebi se a ka se buoang, ka hore ne ba tsohile.) 7 Ha fihla leru la ba apesa. Ha tsoa lentsoe lerung, " Enoa ke mora oaka ea ratehang. Le mo mamele.'' 8 Ka ho phakisa, barile ha ba talima, ha ba ea bona motho, empa Jeso fela. 9 Erile ha ba theoha thabeng, a ba laea hore ba se ke ba bulela motho tse ba li boneng hofihlela ha Mora Motho a se a tsohile bafung. 10 Kahong ba e fumula taba eong, empa ba buisana ba le nose hore '' ho tsoha bafung'' ho ra horeng. 11 Ba mo butsa, '' Ke eng bangoli bare Elia o tsoanetsi ho tla pele?'' 12 A re ho bona, '' Elia o tla tla pele ho lokisa tsohle. Ke eng ho ngoliloe hore Mora Motho o tla o tloa bohloko ho tse ngata mme a nyefoloa? 13 Empa ke re ho lona Elia o tlile, mme ba etsa tsohle tse ba neng ba batla ho li etsa ho eena, joalo ka ho ngoliloe ka eena.'' 14 Ha ba fihla ho balateli ba hae, ba bona batho ba bangata ho eena, le bangoli ba ngangisana le eena. 15 Erile ha ba bona Jeso, batho ba bangata ba makala mme ba titima ho ea mo lumelisa. 16 A botsa ba lateli ba hae, " Le ngangisana ka eng le bona.'' 17 Mongoe hare ha batho ba bangata a mo araba, '' Moruti, ke tlisitse mora oaka ho oena. O na le moea o mo etsang a sitoe ho bua. 18 Oa mo tsoara mme oa mo lahla fase, mme a tsoa maphuko molomong, a luma mano, mme a oma. Ke kupile balateli ba hao hore ba o leleke, empa ba sitoa.'' 19 A ba araba, '' Le loko le senang tumelo, ke tla lula le lona ho fihlela neng? Ke tla le tiiseletsa ho fihlela neng? Mo tliseng ho nna.'' 20 Ba mo tlisetsa moshemane ona. Ha moea o bona Jeso, moea oa phakisa oa molahla fase ka matla a maholo. Moshemane a oa fase mme a tsoa maphuko molomong. 21 Jeso a butsa ntate oa hae, '' ke ha nako e kaakang a le joalo?'' Ntate oa hae a re, '' Ho tlohela bongoaneng. 22 Eile ea mo lahla mollong kapa metsing hangata mme oa leka ho mmolaea. Ha o khona ho etsa sengoe, re hauhele mme o re thuse.'' 23 Jeso a re ho bona, "' Ha ke khona'? Tsohle li ka etsahala ho ba kholoang.'' 24 Ka nako eong, ntate oa ngoana alla haholo a re, '' Ke ea kholoa! thusa ho se kholoe haka!'' 25 Ha Jeso a bona batho ba bangata ba titimela ho bona, a leleka moea o litsila, Oena moea o sa buoing le tsebe tutu, ke ea ho laela, etsoa ho ena, mme o se ke oa kena ho eena hape.'' 26 Oa lla haholo mme oa mosisinya moshemane haholo mme oa tsoa ho eena. Moshemane a bonahala joale ka motho a neng a shoile, ba bangata bare, '' O shoile.'' 27 Empa Jeso a motsoara ka letsoho mme a mo emeletsa , mme moshemane a emelela. 28 Ha Jeso a fihla ntlung, balateli ba hae ba mmotsa sephiring, '' Ke eng re sitoile ho leleka moea o litsila?'' 29 A re ho bona, '' Moea oa mofuta ona o lelekoa fela ka thapelo." 30 Ba ile ba tsoa mong mme ba fita Galelea. A ne sa rata hore batho ba tsibe mong ba leng teng, '' 31 hobane o ne a ruta balateli ba hae. A re ho bona, '' Mora motho o tla neoa matsohong a batho, mme o tla bolaoa. Ha se a bulailoe, morao ha matsatsi a mararo o tla tsoha hape.'' 32 Empa ba se ke ba utloisisa taba ena, empa ba tsaba ho butsa. 33 Ba fihla Kapernaume. Ha se a kene ntlung a ba butsa, '' Ne le buoa ka eng tseleng?'' 34 Empa ba fumula. Ka hobane ba ne ba ngangisana tseleng ka hore ke mang ea tla bang moholo ho bona. 35 A lula fase, a bitsa balateli ba hae bohle mme a re ho bona, '' Ha emong a batla ho ba oa pele, o tsoanetsi ho ba oa mafello ho bohle le sebereki sa bohle.'' 36 A nka ngoana mme a mo bea hare ha bona. A mo nka matsohong a hae mme a re ho bona, 37 ''Mang le mang a amohelang ngoana o joale ka lebitso laka o amohela nna; mang le mang a amohelang nna ha a mohele nna empa ea nthumileng.'' 38 Johane a re ho eena, '' Moruti, re bone mongoe a leleka matimona ka lebitso la hao mme ra mo emisa, kahobane ha re latele." 39 Empa Jeso a re, ''Le se ka la mo emisa, a ho motho a ka etsa mesebetsi e meholo ka lebitso laka mme ka moraho ha mong a bua tse mpi ka nna. 40 Mang le mang a otloisisanang le rona ke oa rona. 41 Mang le mang a o neang kopi ea metsi ho re o noe ka lebitso laka ka hobane o oa Kreste, ka nnete ke re ho lona, a ka ke a lahleheloa ke moputso oa hae. 42 Mang le mang a etsang ba ba banyenyane ba kholoang honna ba lahlehe, ho ka ba hantle hore mjoe a maholo a bofelloe thamong ea hae a lahleloe leoatleng. 43 Ha le tsoho la hao le etsa hore o lahlehe, le khaule. Ho ntle hore o kene bophilong o holofetse ho na le hoba le matsoho a mabeli mme oa ea liheleng, mollong o sa teming. 44 . 45 Ha leoto la hao le o etsa oa lahleha, le khaule. Ho ntle hore o kene bophilong o sa tsamae hantle hona le hoba le maoto a mabeli mme oa lahleloa liheleng. 46 . 47 Ha leihlo la hao le o etsa oa lahleha, le ntse. Hontle ho kena mmusong oa Molimo ka leihlo le le ngoe hona le hoba le mahlo a mabeli mme oa lahleloa liheleng, 48 mmong sefoko sa bona se sa shoing, mme le mollo o sa temeng. 49 Hobane mongoe le mongoe o tla baboloa ka mollo. 50 Letsoai le molemo, empa ha letsoai le lahleheloa ke botsoai ba lona, o ka le etsang joang hore le tsoae hape?