Khaolo 13

1 Ha Jeso a tluha tempeleng, e mong oa balateli ba hae a re ho eena, '' Moruti, lebelela majoe le lintlu tse makatsang!'' 2 Jeso a re ho eena, '' o ea li bona lintlu tse likholo? Ha hona le lejoe le tla salang holimo ha lelengoe le ka se keng oela fase.'' 3 Ha a lutse holimo ha thaba ea Mehloare mabapa le tempele, Petrosi, Jakobo, Johane le Andreaser ba mmotsa sephiring, '' 4 Re bolele, lintho tsena li tla etsahala neng? Ho tlaba le pontso mang ha le se le tla etsahala?'' 5 Jeso a re ho bona, " Hlokomelang ho se ke haba le ea le phamosang. 6 Ba bangata ba tla tla ka lebitso laka mme ba re ' Kenna', mme ba tla phamosa ba bangata. 7 Ha le utloa ka lintoa le masebela a lintoa, le se ke la bilaela; lintho tsena ho tsoanetsi hore li etsahale, empa bofelo ha bo eso bo fihli 8 .Hobane sechaba se tla tsohela sengoe sechaba, mme le mmuso oa tsohela omong. Ho tlaba le ho sisinyeha ha lefatse ngalong tse ngta, le litlala. Tsena lisupa ho qala ha bohloko. 9 " Hlokomelang. Ba tla le neela ho ba mmuso, mme le tla otloa lisenagogeng. Le tla ema pele ha babusi le likhosi ka baka laka, eleng bopaki ho bona. 10 Empa efangeli e tsoanetsi hore e buleloe lichaba tsohle. 11 Ha ba le tsoara mme ba le isa pele, le se ke la belaela ka se le tla se buoang. Hobane nakong oong, se tla se buoang le tla se neoa; e ka se be lona le buoang, empa moea o Halalelang. 12 Abuti o tla neela abuti oa hae lefung, mme ntate ngoana oa hae. Bana ba tla tsohela batsoali ba bona mme ba etsa hore ba bulaoe. 13 Le tla hlooa ke bohle ka baka laka. Empa ea tla tiisetsang ho fihlela bofelong, o tla bolokoa. 14 ''Ha lebona se sa tsoanelang ho ba mong se le teng, '' ( ea balang a otloisise) '' Baleng Judea ba balehele lithabeng, 15 aleng holimo ha ntlu a se ke a folooa a kena ntlung kapa ho nka sengoe ntlung, 16 hape aleng tsimong a se ke a khutlela morao ho nka baki ea hae. 17 Empa ho tla ba thata ho baemana le ho ba nang le bana ba banyenyane ka matsatsi ao! 18 Rapelang hore ho se ke ha etsahala ka mareha. 19 Hobane a oo e tla ba matsatsi a bohloko haholo, mong ho e so ho bonale ho tluha hoqaleng, ha Molimo a bopa lefatse, hofihlela kajeno, mong ho ka se keng ha etsahala hape. 20 Kantle ha hore Molimo a khutsufantse matsatsi, ahuna nama e ka bolokehang. Empa ka baka la ba khethiloeng, bong a ba khethileng, o khutsufantse matsatsi. 21 Joale ha emong a re ho oena, ' Lebelela, enoa ke Kreste!'' kapa ' Lebelela, ke ong!' o se ke oa kholoa. 22 Hobane bo Kreste ba bohata le bapofofeta ba bohata ba tla bonala mme ba hlahisa lipontso le limakatso ho le tsietsa, ha ho etseha, le ho bakhethoa. 23 Hlokomelang! ke le buletsi lintho tsena tsohle pele. 24 ''Empa ka morao ha meferefere ea matsatsi a oo, ' letsatsi le tla fifala, khoeli ea se bontsi khanya ea eona, 25 linaleli le tla oa sebakeng.' 26 Ho le joale ba tla bona Mora Motho a tla ka maru le matla a maholo le khanya. 27 Ho le joale o tla romela mangeloi a hae hape o tla bukantsa hammoho bakhethoa ba hae ngalong tsohle,ho tluhela bofellong a lefatse hofihla bofellong ba leholimo. 28 Ruta thuto sefateng sa fiega. Ha kala ea sona e hlahlamoha mahlare, u tsiba hore selemo se haufi. 29 Hape, ha le bona lintho tsena li etsahala, le tsibe hore o haufi, haufi le monyako. 30 Ka nnete ke re ho lona, leloko lena ha le ka sefeti lintho tsena li sa ka tsa etsahala. 31 Leholimo le lefatsa le tla feta, empa mantsoe aka a ka sefeti. 32 Empa ka letsati leo kapa hora e o, ha ho motho a tsibang, le ona mangeloi leholimong, le Mora, empa ke Ntate. 33 '' Hlokomelang! lebelela, ka hobane a le tsibe hore ke nako efe. 34 Ho tsoana monna a leng leetong- o siea ntlu ea hae mme a e neela matsohong a lisebetsi tsa hae, mongoe le mongoe le mosebetsi oa hae, mme o laela lebileng monyako hore a hlokomele. 35 Kahong lulang le lemohile kahobane ha le tsibe hore mong oa motse o tlang leng; e ka ba tapama, bosiu, ha mokuku olla, kapa ka hosasane. 36 Ha a tla kapela, a se ke a o fumana o robetsi. 37 Se ke le bulelang sona ke se bulela ho bohle: Hlokomelang