Khaolo 12

1 Joale Jeso a qala ho ba ruta ka litsoantso. A re,'' Monna a joala tsemong ea veine a e baeletsa a epa moleti o ntsa veine. A aha ntlu ea ho bona tsimo ena a e rakisa balemi ba veine. Empa a tsamaea leeto. 2 Ka nako e moloketseng a roma sebereki sa hae ho ba lemi ba veine hore se ee nka litholoana tsa veine tsimong. 3 Empa ba mo tsoara, ba mo otla, mme ba mo leleka a sena letho. 4 Hape a roma sengoe sebereki sa hae, le sona ba se ho bafatsa hlohong ba se tsoara hampi. 5 A roma sengoe sebereki, mme sena ba se bulaea. Libereki tsena tsa tsoaroa ka tsela e tsoanang, lingoe tsa otloa mme lingoe tsa bulaoa. 6 O ne a setsi ka motho e mong ho mo roma, mora a ratehang. Ke ena oa mafelelo ho mo roma ho bona. A re,' Ba tla hlompha mora oa ka.' 7 Empa baleme ba veine ba buisana ba re, ' Ona ke mojalefa. Etlang, a re mo bolaeng, mme lefa le tla ba la rona.' 8 Ba motsoara, ba mo bulaea, mme ba mo lahlela tsimong ea li veine. 9 Ka hong, mong oa tsimo ea li veine o tla reng? O tla tla ho bolaea baleme ba li veine le ho nea tsimo ena bangoe baleme. 10 Ha lea bala lengolo lena? ' Lejoe le eleng la lahloa ke ba ahi le ile la sebelisoa ho aha sekhutlo. 11 Tse li tsoa ho Morena, mme ke limakatso mahlong a rona. 12 Morao ha tsena baholo ba maJuda a batla tsela ea ho tsoara Jeso ka baka la hore ba otloisisitse hore litsoantso a buoang ka tsona li fapane le bona. Empa bane ba tsaba batho. Kahong ba mo tluhela ba tsamaea. 13 Ho le joalo ba roma baFarise le ba Herodi ho re ba motsoare ka mantsoe. 14 Ha bafihla, bare ho eena, '' Moruti, re ea tsiba hore a hona taba le lipono tsa bangoe batho, ebile a ho khauhantsi batho. U ruta ka tsela ea Molimo. Ho molaong ho patela tsa leshome ho Kesare kapa che? 15 Empa Jeso a tsiba bo e kaketsi ba bona mme a re ho bona, '' Keng le ntika? Tlisang denari ke e bone.'' 16 Batla le engoe ho Jeso. A re ho bona, '' Ke setsoantsao le mongolo oa mang ona?'' Ba re, '' Ke oa Kesare.'' 17 Jeso a re ho bona, '' Neang Kesare tse li beng tsa hae, mme ho Molimo tse li beng tsa Molimo." Ba mo makala. 18 Joale BaSadusi, bareng a hona tsuho ea bashoeleng, ba tla ho eena. Ba mmotsa, bare, 19 '' Moruti, Moshe o re ngoletsi, 'Ha monna a ka shoa mme a siea mosali, a sena bana, monna o tsoanetsi ho nyala mosali oa abuti oa hae, mme a holise bana ba abuti oa hae.' 20 Ho ne ho na le bo abuti basupileng; oa pele a nyala mosali mme a shoa, a sena bana. 21 Ea re abuti oa bobeli a mo nyala mme a shoa, a sena bana le oa boraro a etsa joalo. 22 Bohle ba basupa ba shoa ba sena bana. Mafelelong a bohle, mosali a shoa. 23 Tsuhong ea bafu, ha ba tsuha hape, e tlaba mosali oa mang? Hobane bo abuti bohle ba le basupa ba kile ba mo nyala. 24 Jeso are, '' A se lona lebaka le ne fapantsang, kahobane ha le tsebe mengolo kapa matla a Molimo? 25 Ha ba tsuha bafung, ha ba nyale kapa ho nyalisoa, empa ba tsoana mangeloi leholimong. 26 Empa ha re bua ka bafu ba tsusitsoeng, ha lea bala bukeng ea Moshe, kopanong ea hae le sefate, tsela Molimo a buileng le eena a re,' Ke Molimo oa Abrahama le Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo'? 27 Ha se Molimo oa ba shoileng, empa ba philang. Le fapantsehile haholo. 28 Mongoe oa bangoli a tla mme a otloa babuisana; a bona hore Jeso o ba araba hantle. A mmotsa, ''Ke molao ofe o bohlokoa ho eohle.'' 29 Jeso a araba, Molao o bohlokoa hofeta eohle ke, Utloa, Iseraele, Morena Molimo oa rona, Morena o nose. 30 U tsoanetsi ho rata Morena Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle, ka moea oa hao ohle, ka khupolo ea hao eohle, mme le ka matla a hao ohle.' 31 Molao oa bobeli o re, ' U tsoanetsi ho rata eo o ahisane le eena joalo ka o e thata.' A hona molao o fetang ena.'' 32 Mongoli are, '' Hontle, Moruti, U buile ka nete hore Molimo o nose, le hore a hona emong kantle ha eena. 33 Ho morata ka pelo eohle le ka kutloisiso eohle le ka matla ohle, le ho rata eo o ahelaneng le eena joalo ka ha o e thata ho feta lihlabelo le lineelo.'' 34 Ha Jeso a bona hore o mo neile petsulo e hlalefileng, a re ho eena, '' A ho hole le mmuso oa Molimo.'' Morao ha mong a hona a ile a botsa Jeso hape. 35 Erile ha Jeso a ruta tempeleng, a re, '' Ke eng bangoli ba re Kreste ke mora Davida? 36 Davida ena, moeng o halalelang, a re, ' Morena a re ho Morena oaka, '' Lula letsohong laka le leholo hofihlela ke etsa lira tsa hao bo hato ba maoto a hao.'''' 37 Davida ka bo ena o e pitsa ' morena', kahong Kreste o tlaba mora Davida joang?'' Batho ba bangata haholo ba mo mamela ka thabo. 38 Lithutong tsa hae Jeso are, Hlokomelang bangoli, baratang ho tsamaea ba apere liaparo tse telele mme ba lumelisoa mong ho rekisoang, 39 mme ba na le litulo tse bohlokoa lisenagogeng le li pulekeng tsa ho hlompheha lijong. 40 Hape ba kena lintlung tsa ba hlolahali, mme ba rapela lithapelo tse telele hore batho ba ba bone. Banna bana ba tla neoa katlolo e kholo. 41 Ho le joalo Jeso a lula fase haufi le serotu sa moneelo tempeleng, a na a boha ha batho ba neela serutung. Ba bangata ba ruileng ba ne baneela ka chelete tse kholo. 42 Ho le joalo ha tla mohlolahali oa mofutsana mme a neela ka chete tse peli, tse lekanang le peni. 43 A bitsa balateli ba hae mme a re ho bona, '' Ka nnete ke re ho lona, mohlolahali ena oa mofumanehi o neetsi ho feta bohle ba neetsing serutung. 44 Hobane bohle ba neetsi ho tsengata ba nang le tsona. Empa mohlolahali ena, bo fumaneheng ba hae, o neetsi ka chelete eohle a tsoanetsing ho phila ka eona.