Khaolo 11

1 Ha ba kena Jerusalema, ba ne ba le haufi le Bathpage le Bethane thabeng ea Mehloare, mme Jeso a roma balateli ba hae ba babeli 2 mme a re ho bona, '' E ea motseng o ka thoko. Ha le kena, le tla fumana esele e nyenyane e so ho nameloa. Le e bofolole mme le tle le eona ho nna, 3 Ha mongoe a kare ho lona,' Ke eng le etsa sena?' le re,' Morena ea e batla mme o tla e khutlisa ka bonako.'' 4 Ba ne batsamaea mme ba fumana esele enyenyane e bofeletsoe ka monyakong kantle setarateng, ba e bofolola. 5 Bangoe batho ba ne ba eme mong mme bare ho bona,'' Le etsang, le bofolola esele enyenyane?'' 6 Ba buoa le bona ka ha Jeso a ba laetsi, mme batho ba batluhela ba tsamaea. 7 Ba isa esele enyenyane ho Jeso mme ba e apesa libaki tsa bona, mme a lula holimo. 8 Batho ba bangata ba oala li aparo tsa bona tseleng, mme bangoe ba oala likala tsa lifate ba li khautseng masemong. 9 Ba tsamaileng pele ha hae le ba morao ba mo hueletsa, '' Hosanna! Ea hlonolofalitseng a tlang ka lebitso la Morena. 10 Ho le hlohonolo mmuso otlang oa ntate oa rona Davida! Hosana maholimong!'' 11 Jeso a kena Jerusalema mme a ea tempeleng mme a lebelela hohle. Joale nako e tsamaile, a ea Bethane le balateli ba hae. 12 Ka tsatsi le latelang ha ba tsoa Bethane, o ne a tsoeroi ke tlala. 13 A bona sehlare sa fiega se le khakala se na lematlare, a ea ho ea leba hore a ka fumana lithoala nna,mme ha fihla ho sona, a fumana matlare fela, hobane e ne e se nako ea litholoana sa fiega. 14 A bua le sona, '' A ho motho ea tla jang litholoana tsa hao hape.'' Le balateli ba hae ba mo otloa. 15 Ha a fihla Jerusalema, mme a kena tempeleng hape a qala ho leleka barekisi le bareki tempeleng. A oisa litafule tsa ba chenchi ba chelete le litulo tsa ba neng ba rekisa maeba. 16 Ha ea lumelela motho ho nka letho lerekisoang mo tempeleng. 17 A ba rute a re, Ha ho ea ngoloa, ' Ntlu eaka e tla bitsoa ntlu ea thapelo ea lichaba tsohle.'? Empa li e entse ntlu ea ba tsietsi. 18 Baprista ba baholo le bangoli ba otloa tse a li buileng, mme ba batla tsela ea ho mo bulaea. Ba ne ba mo tsaba kahobane batho ba bangata ba ne ba makalitsoe ke lithuto tsa hae. 19 Ka tapama, a tsoa toropong. 20 Ha ba fita ka phakela, ba bona fiega e omile ho fihlela miling. 21 Petrose a hopola mme a re, '' Rabbi, lebelela! Sehlare sa fiega o se rohakeleng se omile." 22 Jeso a ba araba are, '' E bang le tumelo ho Molimo. 23 Ka nnete ke re ho lona ha motho a kare thabeng, 'Emelela mme o oele leoatleng,' ha a sa belaele pelong ea hae empa a kholoa hore se a se buoang se tla etsahala, ke se Molimo a se etsang. 24 Joale ke re ho lona: Tsohle tse le lirapelelang le tse le likopang, kholoang hore le lifumane, mme li tla ba tsa lona. 25 Ha le ema mme le rapela, le tsoanetsi ho tsoarela mang le mang ea lekhopisitseng, hore Ntate oa lona ea le holimong a tle a le tsoarele libe. 26 . 27 Ba kena Jerusalema hape. Erile ha Jeso atsamaes tempeleng, baprista ba baholo, bangoli, le baholo batla ho eena. 28 Ba re ho eena, '' Lintho tsena tse ngata o li etsa ka matla afe, hape ke mang a o neileng matla a o li etsa?'' 29 Jeso a re ho bona, '' Ke tla le botsa putso engoe. Njoetseng mme ke tla le bulela hore ntho tysena ke li etsa ka matla afe. 30 Kolobetso ea Johane, e tsoile leholimong kapa bathong? Nkarabeng.'' 31 Ba buisana mme bangangisana mme ba re, '' Ha re kare,' Etsoa leholimong,' o tlare, ' Ke eng le sa mo kholoe?' 32 Empa re kare, ' Etsoa mothong,'... .'' Ba ne ba tsaba batho, hobane motho eohle a ne a tseba hore Johane ke moporofita. 33 Ho le joalo ba fetola ba re, '' A re tsibi.'' Jeso a re ho bona,'' Lenna a ke ka se le bolele hore tsena ke li etsa ka matla afe."