Khaolo 10

1 Jeso a tloha polekeng eong mme a ea khaolong ea Judea mme a ea ka mose ha noka ea Jorodane, le bongata ba batho batla ho eena hape. A ne a ba ruta hape, joale ka tloaelo ea hae. 2 Ba Farese ba tla ho mo leka mme ba mo botsa, '' Ho molaong hore monna a hlale mosali oa hae?'' 3 A ba a raba, ''Moshe o le laetseng?'' 4 Ba re, ''Moshe o lumetse hore monna a ngoale le ngoalo la hlalo mme a mo hlale.'' 5 ''E ne e le baka la hore lipelo tsa lona li thata hobane a le ngolele taelo ena,'' Jeso a re ho bona. 6 ''Empa ho tlohela ho qaleng ha popo, 'Molimo o entse bona monna le mosali.' 7 'Ka baka leo monna o tla tlohela ntate le mme a kopana le mosali oa hae, 8 mme ba babeli ba tla ba nama engoe.' 9 Ka hong se Molimo a se kopantseng hammoho, se se ke sa khauhantsoa ke motho. 10 Barile ha ba le ntlong, ba lateli ba hae ba mo botsa hape ka taba e na. 11 A re ho bona, ''E mong le e mong ea hlalang mosali oa hae mme a nyala e mongoe o ea mo feba. 12 Le mosali ea hlalang monna oa hae a nyala e mongoe, o ea feba.'' 13 Ea ba ba tlisa bana ba ba nyenyane ho ena hore a ba tsoare, empa ba lateli ba hae ba ba khalemela. 14 Jeso ha a ba bona, a khopiseha mme are ho bona, ''Tlohelang bana babanyenyana batle ho nna, mme le se ke la ba hanela, ho ba muso oa Molimo ke oa ba joalo ka bona. 15 Ka nete ke ho lona, e mong le e mong ea sa amoheleng mmuso oa Molimo joalo ka ngoana a ka ke a kena teng.'' 16 Mme a nka bana matsohong a hae mme a ba hlonolofatsa a ba bea matsoho a hae holimo. 17 Erile ha a qala leeto la hae, monna a titimela ho ena mme a khobama pele ha hae mme a mmotsa, ''Moruti o molemo, ke eng e ke kae etsang hore ke tle ke fumanane bophilo bo sa feleng?'' 18 Jeso a re, ''Ke eng o mpitsa ea molemo? Ha ho motho ea molemo kantle ha molimo a le nose. 19 O tseba melao: 'O se ke oa bolaea, o se ka oa feba, o seka o otsoa, o se ke oa thetsa, hlompha ntate oa hao le mme oa hao.'' 20 Monna a re, ''Moruti, tsohle tse ke li hlomphile ho tlohela bonyenyaneng ba ka.'' 21 Jeso a mo lebelela a mo rata. A re ho ena, ''O hloka ntho e le engoe. O tsoanetsi ho rekisa tsohle o nang le tsona o nee bafotsana, mme o tla ba le tlotlo le holimong. Ea ba o tle o ntatele.'' 22 Empa ka baka la polelo ena a lebeleleha a hlomohile mme a tloha a le bohloko, hobane a ne a roile. 23 Jeso a talima mme a re ho ba lateli ba hae, ''Ho thata ha kaakang hore ea roileng a kane mmusong oa Molimo!'' 24 Ba lateli ba makala ka mantsoe a hae. Empa Jeso a re ho bona hape, ''Bana, ho thata ha kaakang ho kena mmusong oa molimo! 25 Ho bo bebe hore kamela e kene ka thuba ea nalete ho nale hore ea roileng a kene mmussong oa Molimo.'' 26 Ba makala haholo mme ba botsana ba re, ''Ho tla bolokeha mmang?'' 27 Jeso a ba lebelela a re, ''Ke ntho e setang batho, empa ho se ho Molimo. Hobane tsohle Molimo o ka li etsa.'' 28 Petrose a qala ho buoa le eena are, ''Lebelela, re siile tsohle mme ra o latela.'' 29 Jeso a re, ''Ka nete ke re ho lona, a ho na ea tlohelang ntlo kapa ba holo kapa le khaetsali kapa mme kapa ntate kapa bana kapa masimo ka baka laka kapa efangeli 30 a ka se keng a amohela ha le kholo joale mehleng ena: linto le bo a buti le likhaetsali le bommae le masimo,le hloriso, mme le fatseng le tlang, o tla fumana bophilo bo sa feleng. 31 Empa ba bangata ba pele batla ba ba morao, le ba morao batlaba ba pele.'' 32 Ba ne ba le tsileng ba ea Jerusalema, mme Jeso o ne a tsamaea pele ha bona. Balateli ba ne ba maketsi, mme bane ba latela moraho ba ne ba tsohile. Ea ba Jeso o biletsa balateli ba hae thoko mme a qala ho ba bolela tseo li tla ho etsahala ka nako eong ho eena. 33 ''Bonang, re ea Jerusalema, mme Moroa Motho o tla neeloa ha presita ba baholo le bangoli. Ba tla mo a hlolela lefo mme ba mo neele ho balichaba. 34 Ba tla monyefula, ba mo khoela mare, ba mo otla, mme ba mo bolaea. Empa morao ha matsatsi amararo o tla tsoha.'' 35 Jakobo le Johane, bara ba Zebedia, ba tla ho ena bare, ''Moroti, re batla o re etsele sengoe le sengoe re tla se kopang ho oena.'' 36 A re ho bona, ''Ke eng le batlang ho re ke le etsele eona?'' 37 Ba re ho eena, ''Re lumelele re lole khanyeng ea hao, e mongoe le tsohong le le tona e mongoe letsohong le le tsehali.'' 38 Empa Jeso a ba araba a re, ''A le se tsebi seo le se kapang. Le ka khona nang ho noa kopi ee ke tla e noang kapa ho kolobetsoa ka kolobetso ke tla kolobetsoang ka eona?'' 39 Ba re ho eena, ''Re ea khona.'' Jeso a re ho bona, ''Kopi ke tla enoang, le tla e noa, le kolobetso ke kolobetsoang ka eona, le tla kolobetsoa ka eona. 40 Empa ea tlang lola letsohong la ka le letona kapa le letsehali a se na ke mo neang, empa ke tsa ba ho lokiselitsoeng bona.'' 41 Erile ha bangoe ba lateli ba leshome ba otloa a tsena, ba khopiseha ka Jakobo le Johane. 42 Jeso a ba biletsa ho eena a re, ''Le ea tse hore bong ba bitsoang ka marena a balichaba ba ea bosa, mme ba baholo ho bona ba na le matla holimo ha bona. 43 Ho se ke ha ba joalo le ho lona. Ea ratang ho ba e moholo ho lona o tsoanetsi ho ba sebereki sa lona, 44 mme ea ratang ho ba oa pele ho lona o tsoanetsi ho ba sebereki sa lona lohle. 45 Hobane Moroa Motho ha a atla ho sebeletsoa, empa ho sebetsa, le ho nea bophilo ba hae ho ba topollo ea bangata.'' 46 Ba fihla Jeriko. Ha a tloha Jeriko le balateli ba hae le batho ba bangata, mora Timea, Bartmea, oa sefofo, a ne a lotse thoko ha tsela. 47 Ha otloa ho re ke Jeso oa Nasaretha, a qala ho huoa a re, ''Jeso, Moroa Dvita, o nkotloele bohloko!'' 48 Ba bangata ba mo khalemela, ba re a fomale. Empa a lla ka matla, ''Moroa Davita, nkotloele bohloko!'' 49 Jeso a ema mme a laea hore a betsoe. B betsa sefofo ba re, ''Ema sebeti! Emelela! O ea hobetsa.'' 50 A lahla baki ea hae, a emelela, a tla ho Jeso. 51 Jeso a mo araba mme a re, ''O batla ke o etsele eng?'' Sefofo sa re ho ena, ''Rabboni, ha ke boele ke bone.'' 52 Ea ba Jso o re ho ena, ''Tsamaea. Tumelo ea hao e o folisitse.'' Ka potlako a bona hape, a latela Jeso tseleng.